LEFAPHA LA TOKA LE NTSHETSOPELE YA MOLAO WA MOTHEO
MAANO A ROBEDI A BATHO PELE A PHANO KA DITSHEBELETSO
Rona ka hara Lefapha re inehetse ho kenya tshebetsong maano a latelang a ?Batho Pele? ntle le tshenyo ya nako. Re tla potlakisa ho kenngwa ha ona tshebetsong ho hore re fihlelle maemo a tshebetso a amohelehang le a hodimo le boleng ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng.
PUISANO
Ho lokela hore ho buisanwe le baahi ka maemo le boleng ba ditshebeletso tsa setjhaba tseo ba di fumantshwang mme, hohle moo ho ka kgonehang, ba fuwe kgetho ka ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona.
O hloka hore o etse bonnete ba hore Puisano e etswa kgafetsa le ka ho phethahala ho etsa hore Ofisi e boloke ditlhoko tsa ba fumantshwang ditshebeletso di kgotsofaditswe.
MAEMO A DITSHEBELETSO
Baahi ba lokela ho bolellwa hore ke maemo le boleng bo bokae ba ditshebeletso tseo ba tlang ho di fumantshwa hore ba tle ba hlokomele seo ba lokelang ho se labella.
O na le boikarabelo le hona ho ikarabella ho lekgotla la ketsamelao hwa ho kenya leano la Mmuso tshebetsong, ka tsela e jwalo o hloka hore o etse bonnete ore ditshebeletso tseo o fananang ka tsona di maemong a amohelehang ho bao o fanang ka tsona ho bona.
Baahi bohle ba lokela ho fihlella ditshebeletso tseo ba nang le tokelo ho tsona.
O lokela ho hlakisa le ho hlahisa tseo o habileng ho di fihlella hore o kgone ho tswelapele ka ho eketsa phihlello ho bao mehleng ba ne ba sa di fumantshwe, mohlala batho ba sa itekanelang. O lokela ho netefatsa hore ditshita tsohle phihlellong ya tsona di a tloswa.
TLHOMPHO
Baahi ba lokela ho tshwarwa ka tlhompho le tlhokomelo.
O lokela ho netefatsa hore melawana ya Lefapha ya boitshwaro e kenyelletsa mokgwa oo ka ona ba fumantshwang ditshebeletso ba lokelang ho tshwarwa ka ona
baahi ba lokela ho fuwa tsedimosetso e felletseng le e nepahetseng mabapi le ditshebeletso tsa setjhaba tseo ba nang le tokelo ya ho di fumantshwa tshedimosetso ke e nngwe ya disebediswa tsa bohlokwahadi tseo ba fuwang ditshebeletso ba ka bang le tsona ha ba batla ditokelo tsa bona tsa ditshebeletso tse boemong bo botle. Diofisi di lokela ho fana ka tshedimosetso e felletseng, e nepahetseng le e kgemang le dinako mabapi le ditshebeletso tseo di fanang ka tsona
HO BONAHALA LE HO HLOKA DIPATILWENG
Baahi ba lokela ho bolellwa hore Diofisi tsa Naha le Mabatowa di tsamaiswa jwang, di ja bokae ho di tsamaisa le hore ke mang ya nang le boikarabello ba ho di tsamaisa.
Ha se ba fumantshwang ditshebeletso ba tswang ka ntle feela ba lokelang ho ba le tshedimosetso ena empa le basebetsi ba ka hare. Tsamaiso e lokela ho tsejwa ke bohle. O lokela ho fana ka tshedimosetso ka tshebetso ya hao kgahlano le maemo a lebelletsweng a tshebetso bakeng la phano ka ditshebeletso e ntlafaditsweng, poloko ya tjhelete le hore ba ka sehlohong e se be pinyane hore ke bomang.
TLHABOLLO
Ebang maemo a tshepisitsweng a ditshebeletso a sa fihlellwe, baahi ba lokela ho kotjwa tshwarelo, ho fanwe ka tlhaloso e felletseng le tokiso ya phoso e potlakileng le e phethahetseng mme ha ho na le ditletlebo tse entsweng, baahi ba lokela ho fumantshwa karabo e nang le kutlwelobohloko le e nepahetseng.
Bokgoni le maikemisetso a ho nka bohato ha dintho di sa tsamaye ka tshwanelo ke dintlha tsa bohlokwa ntweng e fihlellwang ka mekgwa e behilweng ya ho fihlella maemo. O lokela ho kgothalletsa ho tsebiswa ka tshebetso ka mora ho fana ka ditshebeletso ka hara Ofisi ya hao.
Ditsebeletso tsa setjhaba di lokela ho ntsuwa ka mokgwa o bolokang tjhelete le o phethahetseng hore ho tle ho fuwe baahi ditshebeletso tse kgabane ka ho fetisisa tse loketseng boleng ba tjhelete ya bona.
O lokela ho hlwaya dibaka tseo ho tsona ho tlang ho hlokeha ho batlwe poloko e phethahetseng le ntlafatso ya phano ka ditshebeletso e tlang ho finyellwa ka ho boloka. Tjhelete ya hao e lokela ho sebediswa ka bohlale.
Leano le tataisang ditshebeletsong tsa setjhaba ka hara Lefapha e tla ba la ho fana ka ditshebeletso bathong
Ho ntlafatsa phano ka ditshebletso ke se habilweng ho fihlellwa ke Lefapha
